Email This Print this page More...

Tshilafatso ya metsi le bophelo ba hao

 languages This article is available in: English | Afrikaans | Sotho | Zulu

Metsi ha a na meedi mme ha a phalla a kopanya baahi mmoho ka tshebediso tsa bona tse ngata tsa mohlodi ona wa thuso. Boleng ba phula kapa noka hangata ke sesupo se setle sa tsela ya ho phela hara baahi bao e phallang hara bona. Ke sesupo sa maemo a kahisano le moruo ekasitana le temoso ka tikoloho le maikutlo a bao ba e sebedisang. Eng kapa eng e etsahalang kgakeletsong e bonahala ho boleng ba metsi a phallang ho yona, hobane diphetho tsa diketso tsa batho le mekgwa ya ho phela qetellong di fella dinokeng, moo di welang teng.

Kgakeletso ya noka e bopilwe ka mobu ohle, ho tswa thabeng ho ya mabopong a lewatle, a hoholwang ke noka e le nngwe le diphula tsa yona. 

Diphula, meqhafutso le dinoka tse boemong bo botle di tshehetsa diphedi tse ngata tse fapaneneg tsa metsing. Metsi a pula le diphula tse theosang ho tswa dithabeng di na le maemo a hodimo a oksejene. Bongata ba oksejene bo tswa atemosfereng ka pula, metsi a theosang ka diphula tse phallang ka potlako le fotosintese (mokga oo dimela tse tala di etsang dijo tsa tsona ka ona). Dintho tse bopang phepo di hlatswa me metsi ho kena ho mokgwatshebetso, mme hona ho fana ka kgolo ya bohlokwa ya dikhemikhale (mohlala, di-nitrate) le mehlodi ya dijo (mohlala, dimela tse bolang). Dimela tsa metsing, le tsona, di etsa fotosintese e be di fana ka oksejene e tshehetsang bophelo le mehlodi e meng ya dijo bakeng sa diphedi tsa metsing tse amahanang ka mokgwa o rarahaneng wa bophelo. 

Diphedi tsohle tsa metsing di tshepetse dikamanong tsa ka hara metsi ka botsona le dikgakeletsong tse di potapotileng. Tshebetso tsena di ka ba le ecosystem (sebaka seo dimela le diphedi di nang le kamano ho sona) e sebetsang hantle haholo kapa tsa sitisa ditshebetso tsa ekholoji mme tsa theosa phepelo ya metsi. Dinoka le diphula di ba teng ka baka la dikgakeletso tsa tlhaho le dikamano tsa tsona tse pakeng tsa pula e nang le moyafalo. Dinoka ke mekgwatshebetso e bulehileng moo phapanyetsano ya methiriele le eneji ka hara tikoloho e etsahalang ka dinako tsohle. Ho boima ho tshwara dinoka jwalo ka di-ecosystem hobane ke ditsela tsa bohlokwa tsa phallo ya eneji le potoloho ya phepo meeding yohle ya diphedi tsa moo. 

Ecosystem ke sebaka seo ho sona dimela, diphoofolo, batho le tsohle tse ba
potileng di hokahanang ka dikamano tse fapaneng, mohlala, letamo.

Diphetoho tsa boleng ba metsi di etsahala boleleleng ba noka, le ha ho le jwalo, diphetoho tseo di ka susumetswa haholo ke diketso tsa batho. Diindasteri, temo le dibaka tsa bodulo tsa ditoropong di hlahisa metswako ya phepo (dikgwerekgwere tsa swiritjhi le menontsha) ekasitana le dintho tse nang le tjhefo (disilafatsi tse nang le tjhefo) tse ka amang boleng ba metsi.

Na metsi a silafaditsweng ke eng? 

Boleng ba metsi bo hlaloswa jwalo ka metsi a bolokehileng, a ka nowang mme a ipiletsang dipheding tsohle tse lefatsheng. A lokela ho se be le dikhemikhale kapa dintho tsa radioactive tse kotsi bophelong ba sephedi sefe kapa sefe. A lokela ho se be le dikokwanyana tse bakang malwetse mme a be le botsitso mabapi le ho rusa le lekgekge. Metsi a silafaditsweng ke metsi a sa bolokehang mme a sa lokelwang ho nowa ke batho le diphofolo kapa ho hlapa ka ona. Metsi a silafetseng a kotsi haholo dimeleng tsa metsing le diphoofolong. Metsi a silafaditsweng hape a kotsi haholo bathong ba fumanang metsi a bona ka ho otloloha ho tswa nokeng kapa letamong. Mona Afrika Borwa metsi a haellang a foreshe boleng ba ona bo ya bo ntse bo fokotseha ka baka la ho eketseha ha tshilafatso dibaka tse bokellang metsi tsa dinoka, e leng ntho e bakwang ke toropofatso, ho pongwa ha difate, ho etsa matamo dinokeng, tshenyo ya meqhafutso, indasteri, merafo, temo, tshebediso ya eneji, le tshilafatso ya sewelo ya metsi. Jwalo ka ha palo ya batho e eketseha, ho na le keketseho ya tshilafatso le ho sengwa ha dikgakeletso. 

See also

Substances Causing Pollution in Rivers
Water Situation in South Africa
Rural Water Purification